06/03/2023
MANYOOA MEUTLOANYANENG
Moo Meutloanyane e ruiloeng eba ho na le lintja kapa likatse, sehoai se elelloe tse latelang:
- Hona le manyooa a fumanoang lintjeng le likatseng a ka phelang kahara Meutloanyane ha nakoana ele ho phethela selikalikoe sa bophelo ba tsona (Intermediate hosts).
- Manyooa ana a fetela Meutloanyaneng nakong eo e feptjoang bojoang kapa e fula bojoang bo silafetseng ke mantle a likatse kapa lintja.
- Hang hoba lithotse/mahe a manyooa ana a fihla ka mpeng ho Meutloanyane a ka ikatisa hape ebe boholo bo phallela ho ea etsa hlala sebeteng.
- Ha manyooa a le teng a ka ama tsela ea kholo ea Meutloanyane.
- Manyooa ana a ka boela a fetela bathong ha ba jele nama e nang le lithotse tsa ona, Kaha ho le thata ho li bolaea le ka mocheso.
THIBELO/PHEKO
- Kaha ha ho bonolo ho alafa Meutloanyane ka litlhare ka mabaka a fapaneng, sehoai se ruileng Meutloanyane, lintja, likatse se etse bonnete ba h**e se loants'a manyooa lintjeng le likatseng.
- Qoba ho fepa ka bojoang Bo fumanehang moo lintja le likatse li ithusetsang kapa moo mantle a tsona a qhalloang teng.
-Qoba ho fepa Ntja/katse nama ea Meutloanyane e seng e ntse e bonahala e na le bothata.
- Qoba ho ja nama e bonahalang e belaetsa.