07/03/2026
๐๐ ๐๐๐ก๐๐๐ ๐ง๐ฆ๐ ๐ฃ๐๐๐ ๐๐๐๐๐ง๐ฆ'๐๐ก๐ ๐ง๐ฆ๐ ๐ง๐๐ ๐ฃ๐๐ข๐๐ข๐๐ ๐ก๐ง๐ข๐ ๐๐ ๐๐ฅ๐๐ก
Ntoa ena ea US-Isereale e bonoa e le tlokotsi lefats'eng ka bophara. E tlo bakela linaha tse ngata bofuma le ho putlama hoa moruo. Linaha tse tsoetseng pele li se ntse li rala leho lepa na litlophela joang ka mora ntoa ena e ntse kupa lipakeng tsa US-Isereale le Irana.
Boholo ba linaha tsa lefats'e li reka lihlahisoa linaheng tse bohareng ba Asia, moo ntoa e nang le beke e ntse kubella. Re ka bua ka mafura a makoloi le lijo tse ling tsa temo.
Naha ea Iran e ile ea hla ea phatlalatsa pele h**e e tlo etsa ka matla h**e le naha e sa kenang ntoeng ena, e utloe bohloko ka tsela e ngoe. Ho latela litsi tsa moruo litheko tsa lithepa li tlo nyoloha ka tsela e makatsang, se tlo bakela linaha tse kobo li mahetleng joalo ka bo Lesotho mathata.
Ho sa le joalo, litsibi li supile ha naha tse peli feela lefats'eng ka bophara li tlo sinta lebatama lena la ntoa. Linaha tsena ke Zealand le Australia, boemo ba linaha tsena li batla li le hole haholo le ntoa ena. ke linaha tse matla haholo ka temo le ho itlahisetsa ebile li na le batho ba fokolang ka palo.
Ka mora ntoa ena linaha tsena li boleloa li tla nne li khone ho phela hantle ho se sitisoa ea letho, sechaba se tla nne se khone hoja lijo li se le kana. Kaha ke linaha tse itlhahisang lintho tse ngata.