07/10/2026
PHATLALATSO EA LITABA
Taba: Qeto ea Tsamaiso e amanang le FC Eagles le Tsibane FC
Tlaleho eo re ileng ra e fumana re le DiFA Mafeteng libekeng tse peli tse fetileng, ho ile ha netefatsoa h**e papali ea tlholisano ea Dr Mahali Phamotse B Division 2026/2027, lipakeng tsa FC Eagles le Tsibane FC, e neng e bapaloa lebaleng la Maphathe, ha ea ka ea bapaloa h**e e be e fele.
Raporoto ea Katleho Mokeki eo e neng e le moletsa-phala, e re e ile ea abela Tsibane penele kamor'a h**e sebapali se seng sa FC Eagles, se ts'oare bolo ka har'a lebokose la li18, empa libapali tsa FC Eagles tsa hana qeto eo ea hae.
Ka lebaka leo, ka mor’a ho buisana le batsamaisi[captains), ba lihlopha ka bobeli o ile a qobelleha ho felisa kapa ho qhala papali pele ho nako ea eona.
Ho latela Temana ea 14.16 ea Melao le Melaoana ea LeFA e laolang liki tse nyane ea 2025, ho bonahala e tlotsoe ke libapali tsa FC Eagles.
Batsamaisi ba FC Eagles ba ile ba kopuoa ka makhetlo h**e joalo ka Tsibane FC, le moletsa-phala, ba fane ka tlaleho kapa raporoto e ngotsoeng mabapi le ketsahalo ea papali eo, empa ho fihlela kajeno, ha baa ka ba e fana.
Ka lebaka leo, ho fanoa ka likotlo tse latelang mabapi le papali eo:
1. Temana e tšoanang e sebelisoa ho fa Tsibane lintlha-kholo tse 3 le lintlha tse 3 bakeng sa papali eo.
2. FC Eagles e lefisoa M1 000.00 ka lebaka la ho sitisa papali le ho hloleha ho fana ka tlaleho ka mor’a h**e e koptjoe le ho hopotsoa ho e etsa. Le ha ho le joalo, M500.00 e fanyehuoe, ha M500.00 e setseng e tlameha ho lefshoa nakong ea khoeli e le ’ngoe ho tloha letsatsing leo kotlo ena e entsoeng ka lona.
3. FC Eagles ha e ea lokela ho fumanoa e le molato oa tlolo ea molao e tšoanang kapa e tšoanang le eona nakong ea sehla sena sa 2026/2027, ho kenyeletsoa le sehlopha sa basali le lihlopha tsa nts’etsopele tsa eona.
4. Batsamaisi ba FC Eagles ba laeloa ho ruta libapali tsa bona h**e liqeto tsa baletsa-phala li tlameha ho hlomphuoa.
Qeto ena ea tsamaiso, e fihletse ho ipapisitsoe le Melao e laolang li-DiFA ea 2020. Ka hona, ho qotsoa Article 4, (b) le (c).