La Luz Eco Farm

La Luz Eco Farm Farm Products

CUTWORMS sera sa lijalo se u otlang se ipatile tlasa mobu,Serurubele seo se seo se se sootho hause pela lijalo uhlo se f...
07/09/2026

CUTWORMS
sera sa lijalo se u otlang se ipatile tlasa mobu,

Serurubele seo se seo se se sootho hause pela lijalo uhlo se fafatsa ka Pest control pele se sia mahe, hase sona se jang lijalo empa ke sona tse tsoalang Cutworm.

Multi garden pest control etla u thusa u se beha Taolong. 250ml M70 upward and 500ml M120 upwards, li price liafapana hoea ka libaka le lishopo. Lebella price tse li ka holimo ho tsena libakeng tse ling.

Stock se teng atameletsa lihoai tsa heno. 5938 0986 or 62641771

07/09/2026

Tseba lira tsa lijalo, le nako e nepahetseng ea ho li laola kapa ho li thibela!!
Re tlo buoa ka tsona ka bonngoe!
👇

TABA EA BOHLOKOA!!Haeba u hloma tse latelang hona joale:Tomato 🍅 Green pepper 🫑 Chilies 🌶 Eggplant 🍆 Cucumbers 🥒 Buttern...
05/09/2026

TABA EA BOHLOKOA!!
Haeba u hloma tse latelang hona joale:
Tomato 🍅
Green pepper 🫑
Chilies 🌶
Eggplant 🍆
Cucumbers 🥒
Butternut
Watermelon 🍉
Cabbage 🥬
Lettuce 🥬

Iketsetse molemo, beha tsena tse latelang pela hau
✅Multi garden pest control ho bolaea seboko se tlasa mobu, cutworms, grubworm, le wireworm.
Budgetela M70 ho ea holimo for botlolo ea 250ml. Le M120 hoea holimo for botlolo ea 500ml. Ho qeta ho hloma spraya mobung moo ho potapota sejalo.

✅Calcium Nitrate ho thibela blossom end rot . Ho bola hoa litholoana qetellong, cabbage ha e haelloa ke calcium e omella pelong Mona.
Budgetela M110 ho ea holimo for 500g. Utsela a teaspoon (khaba enyane) ka sekotjaneng hau u hloma.

Lemong sena etsa ho fapaneng, hlaisa lijalo tsa grade A.

Latela leqephe lena ho ithuoela tsebo ea mahala, le ho nepa temo ea lijalo haholo meroho.

Sheba li comments ho bona h**e na uka lifumana kae.

RE LAOLA SEBOKO SA LITHOLOANA NENG!✅Hang ha lifate li qeta ho lahla lithungthung tse khanyang, qalella ho sparaya ka MUL...
05/09/2026

RE LAOLA SEBOKO SA LITHOLOANA NENG!
✅Hang ha lifate li qeta ho lahla lithungthung tse khanyang, qalella ho sparaya ka MULTI-GARDEN PEST CONTROL.

Botlolo ea 250ml Budgetela M70 hoea holimo botlolo ea 500ml Budgetela M120 ho ea holimo.

Sheba lethathamo lena ho bona h**e na uka lifumana kae haufi le uena.

Qalella pele nako e ubaleha. Hopola temong Mona nako ke ntho ea Bohlokoa.

Pheta sena ka mora every 2weeks (14days) ho netefatsa h**e u bolaile life cycle ea serurubele.

Ka Sesotho se bitsoang seboko see?
02/09/2026

Ka Sesotho se bitsoang seboko see?

SETHOPO LE PEO!Ha TSOLO Bypass ✅Barbara F1 hybrid butternut squash sethopo M4 each M750 tray e tšetseng tse 200Peo M25 p...
30/08/2026

SETHOPO LE PEO!
Ha TSOLO Bypass

✅Barbara F1 hybrid butternut squash sethopo M4 each M750 tray e tšetseng tse 200
Peo M25 packets of 10 seeds

✅PLuto f1 Hybrid butternut squash Peo ke M20 packet of 10 seeds.

✅Onion Red Creole sethopo M1 each (limited)
✅Onion Texas grano sethopo M0.50 each tray M100.

Tse sa ngoloang Mona ha li sobe teng. Ho tla e tsoa post ha lile ready.

58729029

SETHOPO Le PEO!!HA TSOLO BYPASS 58729029✅Sethopo sa Barbara Butternut F1 hybrid M4 eachM750 tray e tšetseng tse 200. (Li...
20/08/2026

SETHOPO Le PEO!!
HA TSOLO BYPASS
58729029

✅Sethopo sa Barbara Butternut F1 hybrid M4 each
M750 tray e tšetseng tse 200. (Limited) e beha haholo, e tatso e monate.
✅Peo ea Barbara butternut M25 packet e tšetseng tse 10.

✅PEO ea Pluto butternut squash F1 hybrid ke M20 packet e tšetseng tse 10.

✅Tse resa lingolang Mona ha lisobe teng. Ha lile ready retla li poster.

⚠️Ela hloko, peo uka e fumana le tropong tlasa Mamas e Sefika complex ha CHEESEMAN MOKHUKHUNG ONGOTSOENG JA USA PHELA. (teng lebella li price tse ka holimo ho tsena)

TEMO EA HLABULA!Litlhoko tsa Mantlha temong ena ea Lehlabula✅MULTI-GARDEN PEST CONTROL. ( ho laola likokonyana tsa lijal...
14/08/2026

TEMO EA HLABULA!
Litlhoko tsa Mantlha temong ena ea Lehlabula

✅MULTI-GARDEN PEST CONTROL. ( ho laola likokonyana tsa lijalo ka mefuta).

✅CALCIUM NITRATE (hothibela blossom end rot le ho Matlafatsa stem (kutu) ea sejalo.

✅ZERO FUNGI ORGANIC FUNGICIDES (ho thibela mafu a lijalo le ho bola ha litholoana.

✅PHOSPHORUS FERTILIZER ( ho Matlafatsa li thungthung. Le ho thibela bo pherese kapa botšo makhasing.

✅MEGA LEAF ORGANIC LIQUID FERTILIZER ho Matlafatsa lijalo li hole li shahlile li bile li hola ka potlako.

IPHUMANELE TSONA ⁨59380986
Li TENG LITEREKENG TSE 10 TSA NAHA.

LI FUMANE:
☑️ MASERU tropong MILCO Sefika Complex
☑️ THETSANE ha Tsolo Bypass pela paraffining La Luz store. 58729029
✅KOPORASI MASERU MOKHUKHUNG OA NTATE LEBITSA
☑️HA LEQELE STOPONG SE SEHOLO 58448944
☑️ KHUBETSOANA, Bochabela 3 (68510990)
☑️KHUBETSOANA NGOANA OA LLA (58922689)
☑️ TY tropong TŠOENENG FARM FEEDS opposite CASH BUILD
☑️MAPUTSOE Khotsong farm feeds mohahong o Puma garage ha Skeketa opposite le Ackerman's.
✅HLOTSE MOKHELE FARM FEED OPPOSITE GOLDEN WONDER SUPERMARKET.
☑️ HLOTSE (BATAUNG FARM FEEDS) pela POSTBANK ENCHA.
☑️ BUTHA-BUTHE BEDCO ( MOKHELE FARM FEED).
✅BOTHA-BOTHE HA MOPELI MOKHELE FARM FEEDs.
☑️QACHA'SNEK LIFOFANENG 58075563
☑️MAFETENG THUSONG FARM SHOP( Tlasa temong, Pela passport office)
☑️MOHALESHOEK TROPONG NEDPHET FARM FEED,
☑️ QUTHING LOWER MOYENI (LIPHAKOE FARM FEEDS)
☑️THABA-TSEKA MASHAI Basetsana General Dealer. Mashai- Makhalong Ha Namane
57482149/59204408
☑️THABA-TSEKA TROPONG OPPOSITE PEP ENCHA PELA U-SUPERMARKET 58584077
✅MOKHOTLONG RENKENG EA TEXI TSA JANTEU LE NATAL 59112130/62018856

🐞LI PRICE LIA FAPANA HO EA KA LIBAKA🐛

Stock SE teng atameletsa lihoai tsa haeno ⁨5938 0986

SQUASH VINE BORER!!Temo ea morao ea meroho (vegetable) ena le qholotso e ngata. Latela le lqephe lena ho ithuta tse ngat...
08/08/2026

SQUASH VINE BORER!!

Temo ea morao ea meroho (vegetable) ena le qholotso e ngata.

Latela le lqephe lena ho ithuta tse ngata ka temo.

NB: hare fane ka lithupelo ha joale re mpa re u beha leseling ka lihlaisoa tsa rona tse hlokomelang lijalo le h**e eng u e hlola ka eng.

Potso tse tloaeleileng!!✅Na ke nako ea ho hloma butternut?✅Nka lema eng now?✅Sethopo setlo tsoa neng?Lipotso tsena kaofe...
08/08/2026

Potso tse tloaeleileng!!
✅Na ke nako ea ho hloma butternut?
✅Nka lema eng now?
✅Sethopo setlo tsoa neng?

Lipotso tsena kaofela ha Lina direct answers. Likarabo tsa tsona li tsamaea ka maemo.

⚠️Mona ke sethopo sa Butternut Barbara F1 hybrid eno eno e tala e monate e behang haholo. Se qeta ho punya leha seso punyi kaofela. Sele seng ke M4.00. Peo ea Teng eteng le eona M25 packet etšetseng tse 10.

Ha TSOLO bypass 58729029

Toropong ha CHEESEMAN tlasa Mamas SEFIKA COMPLEX. Mokhukhung o ngotsoeng ja USA phela . Empa teng letla fumana peo ka price e ka holimo ho ena.

Bala li comments re araba lipotso tseo.

Address

Ha Tsolo
Maseru
THETSANE

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when La Luz Eco Farm posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category